Johannes Seema

Dr
Johannes
Seema
Senior Lecturer
Dr Johannes Seema

Ngaka Johannes Seema ke Morupedi e moholo Lefapheng la Sekolo sa Dipuo Yunivesithing ya Leboya Bophirima, khemphaseng ya Vanderbijlpark. O na le Lengolo la Bongaka leo a le amohetseng ho tswa Yunivesithing ya Johannesburg. Ka Lengolo leo la hao, bopaki ke hore o itshetlehile dingolweng tsa Maafrika, haholo dingolweng tsa Basotho e leng dingolwa tsa Sesotho. Dingolweng tsena tsa Sesotho, o thahaselletse haholo semelong sa dingolwa jwalo ka ha dingolwa e le seipone sa setjhaba. Thahasello e ntse e le teng ho Diqatjwa tsa Basotho, e leng Neanotaba.

O ile dikhonferenseng tsa barutehi, dikontinenteng tse fapaneng le dinaheng tse fapaneng. O badile dipampiri ka hara naha, kontinenteng ya Afrika mmoho le dinaheng tse mose ho mawatle. Ka ntle ho naheng ya Afrika Borwa, o etetse dinaheng tsa Afrika ho ya bala dipampiri dinaheng tse kang Botswana, Malawi le Namibia. Dinaheng tse mose, o badile dipampiri dinaheng tse kang: Honolulu, Hawaii; New Delhi, India; Czestochowa, Poland le Lisbon, Portugal.

O phatlaladitse diathekele dijenaleng tse hlwauweng ka mokgwa wa akereditheishene. Bophatlalatsi ba hae bo dijenaleng tse ka hara naha le mose. Mothating wa jwale, ke motataisi wa baithuti ba mangolo a Masetase le Bongaka. Ke mohlahlobi diyunivesithing tsa naheng baithuting ba etsang mangolo a Masetase le Bongaka. Ka nqa e nngwe, ke mohlahlobi wa diathekele tse ngoletsweng dijenale tse hlwauweng e le tsa akereditheishene. O thusa le baphatlalatsi ba dibuka ho ba balla dimanyusikeripote. O boetse o thusa matitjhere ka ho a tataisa bakeng sa ho manolla dingolwa, le ho a thusa ka Kerama ya Sesotho.

Ngaka Seema o na le tlhase ya bongodi. O phatlaladitse pokello ya dipale tse kgutshwanyane, e leng Bophelo ke Makelebetlwa. O boetse o phatlaladitse pokello ya dithothokiso eo lebitso la yona e leng Sephallane sa Maphalla. Haufinyane o tla be a phatlalatsa Nobele.

Physical Address

Vanderbijlpark Campus - Building A15 -Floor 1- Office number 106

Telephone Number
016 910-3492
Cellphone Number
0722510526
E-mail
Johannes.Seema@nwu.ac.za
Other experts from
Other experts in
Visit